Kishore Kumar Hits

I.P.C.C. - O Mohau lyrics

Artist: I.P.C.C.

album: The Ultimate Collection: I.P.C.C.


O mohau wa Modimo
Ke kwetsa e kaakang!
E ka ba o fe molomo
O ka o bolelang?
'Na, esale o mphihlela,
Ke maketse feela!
'Na, esale o mphihlela,
Ke maketse feela!
Modimo o n'o mphumane
Tseleng ya tahleho;
Tsa lefatshe di ntahile
Ke fedile Kutlo;
Ke pheela, ke mathela
Bosawana feela.
Ke pheela, ke mathela
Bosawana feela.
Ke buswa ke ditakatso
Tse jang pelo yaka
Di mpofile ke le mofo,
Ke hola le tsona.
Ke ne ke se na ho hana,
Le ha di mpolaya.
Ke ne ke sa ho hana, le ha di mpolaya.
Jo, motho ya thotofetseng,
Ya sheleng le mahlo,
Ka mathela boreleding,
Dintshing tsa selomo!
Jo 'na, ke ne ke mo soma
Ya reng wa ntemosa!
Jo'na, ke ne ke mo soma
Ya reng wa ntemosa!
Ke ha ntate a mphallela
Ke mohau wa hae;
Hoja o ntlohetse fela,
Na nka be ke le kae?
A phakisa a ntlhoibila,
A ntshwara ka phela.
A phakisa a ntlhoibila,
A ntshwara ka phela.
Ke ha a mpusetsa tseleng,
A 'neya le kutlo
A kgaola tse ntlamileng
A mpha le bophelo
Ka utlwa ke fetohile
Mme ke pholohile!

Поcмотреть все песни артиста

Other albums by the artist

Similar artists